Ba tshwara mahosana a mabedi a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe. Ba bolaela Orebe lefikeng le Orebe, Seba yena ba mmolaela setlhotlelong sa Seba. Ba phaladisa Bamidiane, mme hlooho ya Orebe le hlooho ya Seba ba di isa ho Gideone a le mose ho Jorodane.
Jwale bo-Seba le Salemuna ba re ho Gideone: “A ho eme wena ka sebele, o re bolaye, hobane wena o na le matla a bonna.” Gideone a ema, a bolaya bo-Seba le Salemuna; a nka mekgabiso e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona.