Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 82:2 - BIBELE

2 O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 82:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Ha nka ke ka tadima tshobotsi ya motho, ha nka ke ka kakamatsa mang le mang.


Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.


Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Ha ho molemo ho bontsha leeme ho ba kgopo, ebe o sitisa ya lokileng ho ahlolelwa ka toka.


“ ‘Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”


Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.


Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ