Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 81:9 - BIBELE

9 “Mamelang, ha ke le eletsa; lona setjhaba sa ka, Iseraele, hoja wa ka wa mmamela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha ho se be modimo osele ha hao, mme o se ke wa rapela medimo ya ditjhaba!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 81:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.


empa wena o re robokeletse, wa re robokella moo ho phelang diphokojwe, wa re kwahela ka lefifi, fifi le letsholetsho.


“Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao.


mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


Theang tsebe le utlwe lentswe la ka, mamelang le utlwe polelo tsa ka.


Ke nna ya senotseng, ka pholosa, ka phatlalatsa, ke nna, e seng modimo o mong osele o hara lona. Lona le paki tsa ka hore ke nna Modimo,” ho rialo Morena.


Lona Baiseraele, utlwang ntswe la Morena! Morena o qosa baahi ba naha ena, hobane ha ho nnete, ha ho mohau, le ho tseba Modimo naheng ena ha ho eo.


Juda o hlokile botshepehi, dintho tse manyala di entswe naheng ya Iseraele le Jerusalema: Ka ho nyala moradi wa modimo osele, Juda o silafaditse Sehalalelo seo Morena a se ratang.


Morena a mo tataisa a le inotshi, a sa thuswe ke medimo e meng.


O se ke wa latela medimo e meng, ya ditjhaba tse o potapotileng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ