Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 81:8 - BIBELE

8 ha o le matshwenyehong wa ipiletsa ho nna, mme ka o lopolla. Ka o araba ke ipatile marung a dumang, ka o nonya maikutlo metsing a Meriba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mamela, setjhaba sa ka, ke o pakele! Iseraele, hola wa rata ho nkutlwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 81:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao.


Ka baka leo, ke ba tlohetse mangangeng a dipelo tsa bona, ba tsamaye ho latela merero ya bona.


mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba , ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?”


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena;


Ana ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba ileng ba lwantsha Morena, mme Morena a iponahatsa hore o a halalela.


Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona.


Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe.’


Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ