Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 80:9 - BIBELE

9 O ile wa hlomola morara Egepeta, wa tla o hloma moo, moo o lelekileng ditjhaba teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 wa o lokisetsa sebaka, mme wa nama metso, wa tlala naha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 80:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Baiseraele sebaka, ke se bee ho sona, e le hore se tle se phele sebakeng seo e leng sa sona, se se ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,


Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.


Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.


Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng.


Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba, ba ja lefa la mofufutso wa merabe eo,


O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle.


Ka tsatsi leo, ho tla thwe: “Binelang rapa sa morara se behang haholo.


Ka matsatsi a tlang Jakobo o tla hloma, Iseraele a thunye, a etse dipalesa, fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae.


Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,


A e kgatha, a hleka majwe ho yona, ho yona a lema morara o motlemotle, a haha kalana bohareng ba yona, a ba a e tjhekela setlhotlelo, a lebella hore e behe morara o monate, empa ya beha morara wa hlahlaane.


O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena!


Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?


Ka eteletsa bobi kapele, mme ba ba leleka kapele ho lona. Ba leleka le dikgosi tse pedi tsa Baamore; e seng ka sabole ya hao, kapa ka seqha sa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ