16 Sireletsa se hlomilweng ke tsoho la hao le letona, mora eo o ikgodiseditseng yena.
16 Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.
Mphemise dikotlo tsa hao, letsoho la hao le nqetile.
Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?
Re fediswa ke kgalefo ya hao, re thothometswa ke bohale ba hao.
Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.
Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.
Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,