Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.
Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.
Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.
“Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka.
baahi ba motse ba phunya dikgeo marakong. Bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Ba nka tsela e lebang phuleng. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo.
Empa sa fotholwa ka kgalefo, sa fotholwa, sa dihelwa fatshe; moya wa botjhabela wa omeletsa tholwana tsa sona, makala a sona a nyantseng a ba a robeha, a omella, mollo wa a tjhesa, wa a fedisa.
Thebe tsa bahlabani ba hae ke tse kgubedu, aparo tsa bona le tsona ke tse kgubedu. Kariki tsa bona tsa ntwa di a tsekema, thekong ya ntwa di tsekema malakabe; ka marumo bahlabani ba a hlakisa.