Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 79:3 - BIBELE

3 Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi hohle Jerusalema, mme ha ho ya ba epelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi ka nqa tsohle ho Jerusalema, mme ho hlokahetse ya ba patang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 79:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha ho kgathwa, ho tabolwa thite, masapo a bona a tla qhalanngwa jwalo, a qhalanngwe kgorong ya Nqalo ya Bafu.


Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re: “O kae Modimo wa bona?” A re ke re bone ka mahlo a rona ha o phetetsa madi a bahlanka ba hao, madi a tsholotsweng ke baditjhaba.


“Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


‘Ba tla bolawa ke lefu le tshabehang. Ba ke ke ba llelwa kapa ba epelwa ke motho, empa ba tla tshwana le kgapane hara naha. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, mme ditopo tsa bona e be dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.’ ”


Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.


Ke tla bakela batho mahlomola, tsela ba e phopholetse sa difofu, hoba ba entse sebe, ba sitetswe Morena. Madi a bona a tla tsholoha sa lehlabathe, mala a bona a petletsehe sa bolokwe.


hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare.


Jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ka baka la hao re bolawang ka mehla, re nkwang re le dinku tse hlajwang.”


Batho ba ditjhaba tsohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle, ba tla tadima ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, mme ba ke ke ba dumela hore ditopo tseo di epelwe.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ