Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 79:12 - BIBELE

12 Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 79:12
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya.


Ke hopola ho tlontloloha ha ka kamehla, sefahleho sa ka se aparetswe ke dihlong,


Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla?


Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola.


Ha le ka tshwarwa le tla lefa hasupa, le lefe ka tsohle tsa lapa la lona.


O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.


Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.”


Kahoo Morena Modimo a bua tjena: Ke a hlapanya, ke re ditjhaba tse le potapotileng le tsona di tla nyefolwa.


“ ‘Haeba le ntwantsha, le hana ho mmamela, ke tla le tlisetsa diwa tse ngata, tse menahaneng hasupa, ka baka la dibe tsa lona.


ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ