Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:63 - BIBELE

63 Mollo wa timetsa bahlankana ba bona, barwetsana ba se ke ba binelwa, ba binelwa pina tsa lenyalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

63 Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:63
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare Morena ha a utlwa a halefa, malakabe a mollo a laima, a laimela ba leloko la Jakobo, kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;


Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.


Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng.


Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ