Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:58 - BIBELE

58 Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

58 ba baka bohale ba wona ka dinqalo tsa bona tse diphahameng, le poulelo ya wona ka ditshwantsho tsa medimo ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:58
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme a mo laela hore a se ke a latela medimo e meng, empa Solomone a se ke a phetha seo Morena a mo laetseng sona.


Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.


Jeroboame a haha ditempele moo ho rapellwang medimo ya bohata teng, mme hara setjhaba a ikgethela bao e seng bara ba Levi, hore e be baprista.


Ka sekgukgu bana ba Iseraele ba etsa dintho tse sa kgahliseng Morena Modimo wa bona. Ba ikgahela dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng yohle ya bona, e menyenyane le e meholo.


Setshwantsho se betlilweng sa Ashera, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema, eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumemellwa teng kamehla yohle.


Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda.


Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae.


“O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang.


Utlwang sello sa tjhaba sa ka se naheng e hole: “Na Morena ha a sa le teng Sione? Na Kgosi ya Sione ha e sa le yo moo?” Morena a re: “Ba nkgalefiseditseng ka medimo ya bona ya bohata, le ka medimo ya mafeela, medimo ya baditjhaba?”


Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.”


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi.


Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?


Le fedise dibaka tsohle moo ditjhaba tseo le tlang ho di falatsa di neng di sebeletsa medimo ya tsona teng, tse hodima dithaba, le tse hodima maralla, le tse katlasa difate tsohle tse talana.


“Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona.


“ ‘Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!’ “Setjhaba sohle se arabele, se re: ‘A ho be jwalo!’


Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.


Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, mme a re: “Kaha setjhaba sena se robile selekane sa ka, seo ke se laetseng bo-ntata sona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Empa yena a kgutla ha a le pela medimo e betlilweng ka majwe, e pela Gilegale; a fihla, a re: “Motlotlehi kgosi, ke o tliseditse thomo ya lekunutu.” Kgosi ya re: “Kgutsang!” Bohle ba neng ba eme pela kgosi ba tswela kantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ