Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:40 - BIBELE

40 Ke hakae ba ileng ba mo fetohela, ba mo fetohela feelleng, ba mo kgopisa lehwatateng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:40
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo, ba kgesitse keletso ya Ya Hodimodimo.


Empa ba nna ba eketsa ho mo sitelwa, ba fetohela Ya Hodimodimo, ba mo fetohela ba le naheng e tshehla.


Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?


Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ