Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:4 - BIBELE

4 Ha re na ho di patela bana ba bona, empa re tla phetela moloko o tlang dithoko tsa Morena, le matla a hae, le dimakatso tseo a di entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 re tla phetela ditloholo tsa rona dithoko tsa Jehova, le matla a hae, le mehlolo e entsweng ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

tse boletsweng ke banna ba bahlalefi, ba di bolela ba sa pate letho, ba bolela tseo ba di utlwileng, ho baholoholo ba bona;


ke ntse ke bina sefela sa teboho, mme ke bolela dimakatso tsa hao.


Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu,


E tle ere ha bana ba lona ba le botsa, ba re: ‘Tshebeletso ee e bolelang?’


“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.


Ka letsatsi lena o tla bolella mora wa hao, o re: ‘Ke etsa hona ka baka la seo Morena a ileng a nketsetsa sona, mohla ke tswang Egepeta.’


Ke ya phelang, ya phelang feela, ya ka o rorisang jwaloka nna. Ntata bana o ba ruta tsa botshepehi ba hao.


Lona le e phetele bana ba lona; bona ba e phetele ditloholo tsa lona; tsona di e phetele ditloholwana tsa lona.


Le tla a ruta bana ba lona, le bue ka wona ha le dutse ka matlung a lona, leha le tsamaya tseleng, leha le paqame, leha le tsoha.


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ