Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:38 - BIBELE

38 Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:38
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.


Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona.


“Ka baka la lebitso la ka, kgalefo ya ka ke a e thisisa, ka baka la thoriso ya ka e ke ke ya fihla ho wena, esere mohlomong ka tshoha ke o timetsa.


“ ‘Leha ho le jwalo ke ile ka ba hauhela, ka se ke ka ba timetsa, kapa hona ho ba fedisa, ha ba le lehwatateng.


Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka, nke ke ka timetsa Efraime hape, hoba nna ke Modimo, ha ke motho; ke Ya Halalelang ya dulang hara lona, ha nka ke ka tla ke halefile.


Yaba Morena o a hauha, o re: “Sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena.


Yaba Morena Modimo o a hauha, o re: “Le sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ