Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:35 - BIBELE

35 ba boela ba hopola hore Modimo ke lefika la bona, Modimo Ya Hodimodimo ke molopolli wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 ba elellwa hoba Modimo ke lefika la bona, le hoba Modimo, Mookamedi ya phahameng, ke Molopolli wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:35
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena.


Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta,


Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona.


Ba lebala diketso tsa hae, ba lebala le dimakatso tsa hae, tseo a ba bontshitseng tsona.


Ba lebala matla a letsoho la hae, le letsatsi leo ka lona a neng a ba lopolle direng tsa bona,


e le hore le bao ba tle ba tshepe Modimo, ba se ke ba lebala mesebetsi ya Modimo, ba mpe ba boloke melao ya hae.


“Ka mohau wa hao wa tsamaisa setjhaba, setjhaba seo o se lopolotseng, ka matla a hao wa se isa diahelong, diahelong tsa hao tse halalelang.


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng.


O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.


“Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Ke hobane Morena o a le rata, le hobane o rata ho boloka kano eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona, a le ntshitseng ka letsoho la hae le matla, a le lopolla bokgobeng ba Faro, kgosi ya Egepeta.


Ka rapela Morena, ka re: ‘Oho, Morena Modimo, se ke wa timetsa setjhaba sa hao, seo e leng lefa la hao, seo o se lopolotseng ka boholo ba hao, wa se ntsha Egepeta ka letsoho la hao le matla.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ