25 Motho a ja bohobe ba mangeloi, a ba fa kgora ya dijo.
25 ba eja e mong le e mong bohobe ba dinatla; wa ba romela dijo, ba kgora.
Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.
Ba kopa, yaba o ba tlisetsa dikwekwe; a ba kgorisa ka bohobe bo tswang mahodimong.
Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”
Ba eja bohle, ba kgora; yaba ho bokellwa makumane a setseng, mme a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.
Bohle ba eja, ba kgora, mme ha ba bokella makumane a setseng ba tlatsa diroto tse supileng tse kgolo.