Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:21 - BIBELE

21 Yare Morena ha a utlwa a halefa, malakabe a mollo a laima, a laimela ba leloko la Jakobo, kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yanayare Jehova ha a utlwa dipolelo tseo, a halefa, mollo wa tukela Jakobo, bohale ba phahamela Iseraele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:21
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

kgalefo ya Modimo ya ba wela hodimo, a bolaya dikwankwetla tsa bona, bahlankana ba Iseraele a ba rapalatsa, a ba rapalatsa fatshe.


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo.


Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.


Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.


Kgalefo ya ka e tuka malakabe, e tlokoma ho ya fihla Nqalong ya Bafu, e timetsa lefatshe le tsa lona, e tjhesa le metheo ya dithaba.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ