2 Molomong wa ka ho tla tswa maele, ke bolele dilotho tsa boholoholo.
2 Ke ahlamisa molomo wa ka ho hlahisa dipolelo tsa dikelello le ho bolela dithuto tsa kgale.
Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.
Ke tla sekehela maele tsebe, ke tla hlalosa selotho sa ka ke ntse ke letsa harepa.
a utlwisise maele le dipapiso, polelo le dilotho tsa ba bohlale.
Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna.
O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.
Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’