Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:15 - BIBELE

15 A petsola mafika lehwatateng, a ba fa metsi a mangata, metsi a kang a bodiba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Wa patsola mafika lefeelleng, wa ba nosa teng jwaloka hola ba enwa madibeng a maholo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A petsola lefika, metsi a phorosela; a phalla dibataolong eka ke noka.


yena ya fetolang lefika letsha la metsi, lejwe la moralla a le fetole sediba.


Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.


Ke tla phunya mehlodi ya dinoka, ke e phunye tutudung tsa lehlabathe, kahara dikgohlo didiba di phorosele. Lehwatata ke tla le fetola le tlale matsha, naha e omeletseng e runyarunye didiba.


Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.


Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela.


Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.


Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ