Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 78:12 - BIBELE

12 Naheng ya Egepeta, thoteng tsa Sowane, a etsa dimakatso pontsheng, pontsheng ya bo-ntata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 78:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng.


Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno.


dimakatso naheng ya Kama, le tse tshosang Lewatleng la Sufe.


Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.


Morena a re ho Moshe: “Bona, ke o etsa hore o be jwaloka Modimo ho Faro, mme moholwane wa hao Arone e tla ba moporofeta wa hao.


Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”


Mahosana a Sowane a thotofetse, mahosana a Nofe a thetsehile, bao e leng tshiya tsa setjhaba ba kgelositse Egepeta.


Patarose ke tla e fetola e be nanaola, ke tjhese hlaha kahara motse wa Sowane, motse wa Tebese wona ke o otle.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?


Moo re ntseng re bona, Morena o ile a etsetsa Faro, le ba ntlo ya hae, le Baegepeta dipontsho, le mehlolo e tshosang.


Ba mo araba, ba re: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole, ka baka la lebitso la Morena Modimo wa lona, hobane re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ