Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:9 - BIBELE

9 Na mohau wa hae o feletse ruri, ditshepiso tsa hae ha di sa tla phethwa, di phethelwa meloko yohle?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Na Modimo o lebetse ho utlwela batho bohloko? Bohaleng ba wona na o thibetse mehauhelo ya wona na? (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:9
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, hopola lerato le mohau wa hao, hobane esale o le teng ho tloha kgale.


Ha ke a ka ka pata ho loka ha hao, ka ho pata pelong ya ka, ke boletse botshepehi ba hao, ka bolela le yona thuso ya hao; ha ke a ka ka pata, ka patela phutheho e kgolo, ka e patela mohau le nnete ya hao.


Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida,


Wena Jakobo, o leng Iseraele, ke hobaneng ha o bua, o re: “Metsamao ya ka Morena ha a e tsebe, Modimo wa ka ha a natse tokelo ya ka?”


Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona!


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle.


Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ