Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.
Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Modimo, na o re lahletse ruri? Keng ha o halefela mohlape, mohlape wa makgulo a hao, o o halefela ka bohale bo tukang?
Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.
Ke hobaneng bohloko ba ka ha bo sa fele? Qeba la ka le phephetha boladu, le hana ho fola? Na o tla itshwantsha le mothetsi ho nna, o be jwaloka sediba, diba se metsi a pshang?”
Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’
Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.