Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:20 - BIBELE

20 Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a kganna tjhaba sa hae, a se kganna jwaloka dinku, a se tsamaisa lehwatateng, a se tsamaisa jwaloka mohlape.


Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.


Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.


Lengeloi la Modimo, le neng le tsamaya kapele ho mabotho a bana ba Iseraele, la tjhetjha, la ema kamorao ho bona. Le leru le lopaletseng la tloha kapele ho bona, la ema kamorao ho bona.


Morena o bua tjena, yena ya phuntseng tsela lewatleng, a seha mmila hara metsi a befileng;


Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.


Wa hatakela lewatle ka dipere tsa hao, bodiba bo boholo wa bo lwebehlanya.


Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.


Tsebang seo a le etseditseng sona, ha le le lehwatateng, ho fihlela le fihla sebakeng sena;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ