Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 77:18 - BIBELE

18 Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 diaduma tsa hao tsa duma hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe; lefatshe la tshoha, la reketla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 77:18
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a thwathwaretsa, a thwathwaretsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae.


“Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya lehodimo ya tsukutleha, ya reketla hobane a halefile.


Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha;


Morena a thwathwaretsa, a thwatharetsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae;


a fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa.


Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.


Mahadima a hae a bonesa lefatshe; lefatshe le a bona, mme le a thothomela.


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Kganya ya hae e ka mahlasedi a letsatsi, ka diatleng tsa hae mahlasedi a a betseha! Ke moo matla a hae a patehileng teng.


Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,


Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Kamorao ho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong. Le ne le ena le matla a maholo, mme tlotla ya lona ya bonesetsa lefatshe lohle.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ