17 Metsi a na a o bona, Modimo, metsi a o bona, a tuduana, madiba a tsukutleha.
17 Maru a tsurutla metsi, maru a thetheretsa; metsu ya hao ya phosetswa mane le mane,
A fula ka metsu ya hae, dira tsa qhalana, a betsa mahadima, mme tsa phasaphasa.
Lewatle ha le ba bona la baleha, Jorodane ya tjhetjha kasanthao.
Betsa mahadima, dira di tle di qhalane, o fule ka metsu ya hao, di tle di phasaphase.
Morena a thwathwaretsa, a thwatharetsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae;
Binelang Modimo, lona mebuso ya lefatshe, le roke Morena.
Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.
Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima.
“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.