11 Jwale ke re: “Se ntlhabileng ke sena: Letsoho la Ya Hodimodimo le fetohile.”
11 Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo;
Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla.
Hopolang mesebetsi e hlollang eo a e entseng, dimakatso tsa hae le kahlolo tsa hae,
Hopolang dimakatso tsa hae tseo a di entseng, mehlolo ya hae, le dikahlolo tseo a di boletseng,
O entse hore dimakatso tsa hae di se ke tsa lebalwa; Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko.
Ke hopola ditshiu tsa boholoholo, ke lohotha diketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a hao.
Kaha ba sa natse diketso tsa Morena, le ho tsotella mesebetsi, Mesebetsi ya matsoho a hae, o tla ba tamolla, a ba timetse.
Na Modimo o lebetse ho utlwela bohloko? Na kgalefo ya hae e thibetse rato la hae?”
Ba lebala diketso tsa hae, ba lebala le dimakatso tsa hae, tseo a ba bontshitseng tsona.
“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?
Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.