Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 76:8 - BIBELE

8 Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O boletse tsuo o le mahodimong; lefatshe la tshoha, la ba la kgutsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 76:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le setjhaba, le morabe wohle wa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, kaha bo-ntata rona ba sa ka ba mamela mantswe a buka ena, leha e le ho phetha tse ho itsweng re di etse.”


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


Lefatshe lohle le thothomele kapele ho yena! O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae,


“Puso le tshabo di tswa ho Modimo, ke mothei wa kgotso mahodimong a hae a hodimo.


O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.


Morena yena o ka Tempeleng ya hae, Tempele ya hae e halalelang; fatshe lohle le ke le kgutse kapela hae.”


Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”


Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ