Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”
Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.
Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.