Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 74:9 - BIBELE

9 Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 74:9
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.


Dikgoro tsa Sione di kwahetswe ke mobu, mekwallo ya tsona o e robakile dikotwana; kgosi le mahosana ke bathopuwa hara baditjhaba, ke bathopuwa ba leng moo ho sa rutweng Molao; baporofeta ba Sione ha ba sa bona dipono, pono tse tswang ho Morena.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.


Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena Modimo, “ao ka wona ke tla dihela naha ena sekoboto, e seng sekoboto sa ho hloka dijo feela, leha e le lenyora la ho nyorelwa metsi; e tla ba sa ho hlolohelwa lentswe la Morena, empa lentswe leo ha ba ka ke ba le utlwa.


Ho baporofeta bana Morena o re: “Ka baka leo, bosiu bo tla le aparela, bo le aparele, le se ke la bona dipono, le aparelwe ke lefifi, le bonohe bo fele, tsatsi le dikele, baporofeta ba phirimelwe, ho bona motsheare e ke fifi le letsholetsho.


Bo-radipono dihlong di tla ba hlaba, dinohe le tsona di tlontlolohe; kaofela ha bona ba tla ikgurumetsa difahleho, hobane Modimo a sa ba arabele.”


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


Yaba Gideone o re ho yena: “Haeba o nkgauhetse, ako nketsetse pontsho ya hore efela ke wena ya buang le nna.


Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ