Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 74:18 - BIBELE

18 Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 74:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Ba nyefola Modimo wa Jerusalema, jwalokaha eka ba nyefola medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding, e leng e entsweng ka matsoho a batho.


Morena, ako hopole, ako hopole bana ba Edomo, mohla letsatsi la Jerusalema, ha ba ne ba re: “E heletseng, e heletseng, ho isa metheong ya yona!”


Jwale, Morena, ekaba ke sa lebeletseng? Tshepo ya ka e ho wena.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle.


Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona!


Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta.


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’


Le buseletsa Morena ka mokgwa o tjee, lona tjhaba sa dithoto, tjhaba sa ditseketseke? Na hase yena Ntata lona le Mmopi wa lona? O le bopile, a le etsa setjhaba.


Motse o moholo wa aroha dikoto tse tharo, mme metse ya baditjhaba ya wa. Modimo a hopola Babilona e kgolo, a e nwesa senwelo sa jwala ba kgalefo ya hae e tukang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ