Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 74:13 - BIBELE

13 Ke wena ya ileng a arohanya lewatle, wa le arohanya ka matla a hao, wa pshatla hlooho tsa dikganyapa, wa di pshatela lewatleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 74:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.


O ile a apola lewatle, ha hlaha mobu o ommeng, batho ba tshela noka ka maoto; ka baka leo, a re mo thabeleng.


A phatlola lewatle ka lehare, a ba tshedisa, a emisa metsi jwaloka qubu.


Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana.


Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha.


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ