Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 74:1 - BIBELE

1 Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Modimo, na o re lahletse ruri? Keng ha o halefela mohlape, mohlape wa makgulo a hao, o o halefela ka bohale bo tukang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 74:1
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona,


Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho?


Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.


Lefatshe la reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya tsukutleha, ya reketla, hobane a halefile.


Ke robehile ditho ke ho tlakwa ke dira tsa ka, ha kamehla di ntse di re ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang.


Re rorisa Modimo kamehla, ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.


Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”


Bosiu ke fihlelwa ke pina pelong, ke a nahana, moya wa ka o a balabala:


“Na Morena o ntahletse ruri, ha a sa tla hlola a kgahlwa ke nna?


Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Lona tjhaba sa ka, mamelang thuto ya ka, sekehelang dipolelo tsa ka tsebe.


Empa rona setjhaba sa hao, mohlape wa makgulo a hao, re tla o boka kamehla, re phetele meloko yohle dithoko tsa hao.


Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?


Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang?


Ke yena Modimo wa rona, re setjhaba se diswang ke yena, re mohlape o matsohong a hae. Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,


Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?


Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.


“Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena.


Morena o bua tjena: “Haeba mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa, ke tla furalla ditloholo tsohle tsa Iseraele, ka baka la tsohle, tseo di di entseng,” ho rialo Morena.


Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?


“Lona mohlape wa ka, dinku tsa makgulo a ka, le setjhaba sa ka, nna ke Modimo wa lona, ho rialo Morena Modimo.”


Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ