Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 73:9 - BIBELE

9 Melomo ya bona e nyefola tsa lehodimo, maleme a bona a bebera tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba phahamisetsa melomo ya bona mahodimong, mme maleme a bona a lelera lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 73:9
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!’ ”


Feela ba re ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao!


O ntse o rera ho timetsa ba bang, leleme la hao le ka lehare le bohale, wena ya etsang bolotsana.


Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”


Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”


E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.


“A hana ka nako e itseng, empa hamorao a inahana, a re: ‘Leha ke sa tshabe Modimo, le motho ke sa re letho ka yena,


Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.


Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ