Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 73:25 - BIBELE

25 Nka ba le mang lehodimong haese wena? Ha ke ena le wena, ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke na le mang mahodimong haese wena? Kantle ho wena ha ke kgahliswe ke letho lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 73:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena.


O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.”


Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena.


Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.


Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.


Ke tla fihla aletareng ya Modimo, ho Modimo ya nthabisang. Ke tla nyakalla, ke o boke ka harepa, wena Modimo, Modimo wa ka.


Ka o tadima o le Sehalalelong sa hao, ka boha matla a hao le tlotla ya hao.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo.


Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste,


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ