18 Ruri o ba beile moo ho thellang, wa ba dihela hore ba ye timelong;
18 Ka re: O mpa o ba beile nqalong tse thellang, wa ba diha, mme ba senyehile.
Tsela ya bona e ke e fifale, e thelle, ha lengeloi la Morena le ba lelekisa.
Empa ba kgopo ba tla timela; bao e leng dira tsa Morena ba tla fela jwaloka botle ba makgulo, ba nyamele jwaloka mosi.
Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho.
Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.
Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.
Leha ba bolotsana ba mela, ba mela jwaloka jwang, mme bohle ba kgopo ba atleha, ba loketse ho timella ruri.
O tla ba buseletsa bokgopo ba bona, a ba timetse ka baka la bobe ba bona. Morena Modimo wa rona, o tla ba timetsa.
“Tsela ya bona e tla thella, e thelle jwaloka e lefifing, ba tla kgarametswa, ba wele fifing leo, hobane ke tla theolela koduwa hodima bona, ka selemo sa kotlo,” ho rialo Morena.
Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.
Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,