Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng.
Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.
Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.
Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,
a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.