Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 72:18 - BIBELE

18 Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele, ya etsang dintho tse makatsang a nnotshi!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 72:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re: “Kamehla le mehla ho roriswe wena, Morena Modimo wa ntata rona, wa ntata rona Iseraele.


Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.


yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.


O etsa dikgolo tse fetang tlhalohanyo ya motho, o etsa dimakatso tse ke keng tsa balwa.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, a bokwe kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Setjhaba sohle se ke se re: “A ho be jwalo!” Haleluja!


Ke yena a inotshi ya entseng dimakatso tse kgolo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


Modimo, ditsela tsa hao di a halalela; na modimo o teng o moholo, o moholo jwaloka wena Modimo?


Wena o Modimo ya etsang dimakatso, o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba.


hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi.


Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ