Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 72:17 - BIBELE

17 Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 72:17
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”


O tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae kamehla yohle.


Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


Ke yena ya tla nkgahela Tempele, mme ke tla tsitsisa terone ya hae kamehla.


O e neile mahlohonolo ho isa kgale, wa e thabisa haholo ka boteng ba hao.


Tulong tsa bo-ntatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana naheng yohle.


Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.


Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona.’ Lena ke lona lebitso la ka la mehla yohle; ke tla tsejwa ka lona ke meloko yohle.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


hobane o ile a tadima ho eiseha ha lekgabunyane la hae. Bonang, ho tloha jwale meloko yohle e tla re nna ke lehlohonolo,


Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.


Hona ho entswe hore tlhlohonolofatso e neilweng Aborahama e tle e newe baditjhaba ka Kreste Jesu; e le hore, ka tumelo, re tle re amohele Moya o tshepisitsweng ke Modimo.


Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.


e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame,


Kamehla ha re ntse re le rapella, re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ