Ka re kgosi e tla mmamela, e namolele lekgabunyane la yona matsohong a motho ya tla re o a le timetsa, a timetse le mora wa lona, naheng eo Modimo a e neileng setjhaba sa hae.’
Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.
“Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla.
“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,
A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;
Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.
Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.