Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 72:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Solomone. Oho, Modimo, etsa hore kgosi e ahlole, e ke e ahlole ka toka, o nee mora kgosi ho loka ha hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Oho Modimo, o nee morena dikahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuwe mora morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 72:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa Iseraele a bua, Lefika la Iseraele la mpuisa: ‘Ya busang batho ka toka, ya busang ka ho tshaba Modimo,


Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”


Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.


Ako etse hore Solomone, mora wa ka, a tshepahale, hore a boloke melao ya hao, le ditemoso tsa hao, le ditaelo tsa hao, a phethe dintho tsena tsohle, a hahe Tempele eo ke seng ke lokiseditse hore e hahwe.”


Ako nnee bohlale le tsebo, e le hore ke tle ke tsebe ho etella setjhaba sena pele, hobane ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba see sa hao se sekaalekaale?”


Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.


Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena;


Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ