Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 71:20 - BIBELE

20 Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 71:20
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.


Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao.


Leha nka phela hara ditsietsi, wena o baballa bophelo ba ka; letsoho la hao le ntshireletsa bohaleng, bohaleng ba dira tsa ka, letsoho la hao le letona le a mpholosa.


o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.


Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona.


O bontshitse tjhaba sa hao bothata, O re nwesitse jwala bo re tsekedisang.


Tsoho la hao le ke le be hodima mokgethwa wa hao, mora eo o ikgodiseditseng yena.


Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang?


Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.


Dikgohlo tsohle tsa lefatshe di matsohong a hae, le tsona ditlhoro tsa dithaba ke tsa hae.


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.


Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”


Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.


Jwale ho re “o ile a nyolohela” ke ho reng, haese ho bolela hore o ile a qala ka ho theohela tlasetlase lefatsheng?


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


“Morena o a bolaya, o bile o a phedisa; o theolela Nqalong ya bafu, a ba nyolle teng hape.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ