Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 71:18 - BIBELE

18 Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 71:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha Isaka a se a tsofetse, mahlo a hae a se a fokola, hoo a neng a se a sa bone, a bitsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, mme a re ho yena. “Ngwana ka!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa.”


ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa. Meloko e tlang e tla tsebiswa Morena,


elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:


Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse;


Ha re na ho di patela bana ba bona, empa re tla phetela moloko o tlang dithoko tsa Morena, le matla a hae, le dimakatso tseo a di entseng.


hore o tle o tsejwe ke meloko e tlang, le ke ba tlang ho tswalwa, bona ba tle ba o phete ba o phetele bana ba bona,


Ka letsatsi lena o tla bolella mora wa hao, o re: ‘Ke etsa hona ka baka la seo Morena a ileng a nketsetsa sona, mohla ke tswang Egepeta.’


Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.


Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?


Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?


“Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.


Eli o ne a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robedi, mahlo a hae a foufetse, a se a sa bone.


Yare ha eo a bua ka areka ya Modimo, Eli a wa setulong sa hae ka sanketse, a wela kgorong ya motse, a robeha molala, a shwa, hobane e ne e le monnamoholo wa pesola. E ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ