14 Empa nna nke ke ka kgaotsa ho o tshepa, ke tla eketsa ho o rorisa.
14 Empa nna, ke tla tshepa kamehla, ke nne ke bolele dithoko tsohle tsa hao.
Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.
Iseraele a ke a lebelle Morena, hobane Morena o mohau, o na le topollo e kgolo.
Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka.
O ntsheheditse ho tloha tswalong ya ka, wa ntshireletsa ho tloha popelong ya mme; nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.
Tsena ke sa ntsane ke di hopola, kahoo ke sa ntsane ke ena le tshepo.
Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.”
Morena o molemo ho bohle ba mo tshepang, o molemo ho bohle ba mmatlang.
Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.
Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,
etswe le etsa jwalo ho bana babo lona kaofela ba hohle Masedonia. Feela re a le rapela, bana beso: Atlehang le ho feta.
Jwale le se ke la lahlehelwa ke tshepo eo ya lona, e nang le moputso o moholo.
Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.
Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!
Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.