12 Modimo, se be hole le nna, Modimo wa ka, ako potlakele ho nthusa.
12 Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!
Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho?
Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.
ke abetswe wena ho tloha tswalong ya ka, o bile Modimo wa ka ke sa le popelong ya mme.
ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola aparo sa ka ka lotho.
Ke wena Morena, ya boneng; se kgutse! Morena, o se ke wa ba hole le nna.
Ke aparetswe ke ditlokotsi, tlokotsi tse ke keng tsa balwa, melato ya ka e ntshwere, e ntshwere hoo ke sitwang le ho sheba, e mengata ho feta qoba tsa moriri wa ka, pelo ya ka e nyahame.
O se ke wa pata sefahleho sa hao, wa se patela mohlanka wa hao, o nkarabe kapele, hobane ke matshwenyehong.
Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena ba nne ba re: “Modimo o moholo!”