Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 71:11 - BIBELE

11 ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ba hloyang moya wa ka ba rera hammoho, ba re: Modimo o mo tlohetse; mo phalleleng, le mo tshware; hobane ha a na mmoloki!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 71:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,


Nkile ka ba motjha, kajeno ke tsofetse, empa ha ke eso bone ya lokileng a lahlilwe, le ditloholo tsa hae di kopa bohobe.


Morena o rata ho loka, mme a ke ke a furalla batshepuwa ba hae. Ba kgopo ba tla timella ruri, ditloholo tsa bona di tla fediswa.


Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang;


Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”


Yare ha e batla e eba hora ya boraro, Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Eli, Eli, lema sabakthani?” ke ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”


Ba bang bona ba re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo pholosa.”


Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ