Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 7:2 - BIBELE

2 Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 7:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.


Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.


o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


Pesalema ya Davida. Ako mpaballe Modimo, hobane ke tshabela ho wena.


Ba jwaloka tau e labalabelang ho harola, le jwaloka tawana e bothileng selaong.


Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse;


Ke tshabela ho wena Morena; ke se ke ka hlajwa ke dihlong le ka mohla. Ako nnamolele ka baka la ho loka ha hao.


Ha ke ewa, ba a thaba, ba a mpokanela; ba mpokanele ka mokgwa wa tsometso, ba nkotle ba sa kgaotse.


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


Modimo wa ka, ako nnamolele direng tsa ka, o ntshireletse ho ba ntsohetseng matla.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.


Ka sesa bosiu ke ntse ke lla ke bohloko, jwalokaha eka tau e nthoba masapo, ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.


“Ho Gade a re: “ ‘Ho ke ho tumiswe ya anafaditseng Gade, Gade o qatjhama jwaloka tauhadi, o harola letsoho kapa lehata.


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ