Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 7:16 - BIBELE

16 O tjhekile lemena, a le tebisa, a wela hona lemeneng leo a le tjhekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bolotsana ba hae bo tla wela hodima hlooho ya hae, bokgopo ba hae bo wele phatleng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 7:16
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.


Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.


Bohle ba kgopo ba ke ba wele marabeng a bona, ha nna ke phonyoha.


Tlokotsi e ke e ba wele hodimo, e ba wele ka tsometso; ba ke ba tshwaswe ke leraba leo ba le tjhehileng, ba wele lemeneng leo ba le tjhekileng.


Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke.


Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.


Ba tjhehile maoto a ka ka leraba, mme moya wa ka o siame; ba ntjheketse lemena, empa ke bona ba wetseng ka ho lona.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


Ba fella jwalo ba ithuisang ka bolotsana, bophelo ba bona bo fediswa ke matsoho a bona.


Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya thetang lejwe le tla mo wela hodimo.


Ya tjhekang lemena a ka nna wela ho lona, ya heletsang lerako a ka nna longwa ke noha.


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.


Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ