Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”
Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.
“Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.
Setjhaba sa Jerusalema ha se ka ke sa kgolwa taba ena ka baka la dilekane tseo se di entseng. Empa boporofeta bona ke bo se hopotsang dibe tsa sona, le ho se hlokomedisa hore se tla thopuwa.
Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’