Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 69:6 - BIBELE

6 Wena Modimo, o tseba bothoto ba ka, diphoso tsa ka ha di a pateha ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Morena, Jehova wa makgotla, ba o tshepang ba se ke ba hlajwa ke dihlong ka baka la ka; Modimo wa Iseraele, ba o batlang ba se ke ba swaba ka baka la ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 69:6
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa Iseraele a bua, Lefika la Iseraele la mpuisa: ‘Ya busang batho ka toka, ya busang ka ho tshaba Modimo,


Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng.


Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe.


Thusa, Morena, o ntse o halefile! O tsohele dira tsa ka tse bohale, o di tsohele matla; tsoha Modimo wa ka, wena ya dihang kahlolo.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla.


“Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae.


Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ