Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Saule a neng a rometse batho ho lebela ntlo ya Davida le ho mmolaya.
Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.
Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.